Tshebedisano ya baahi ba ditso tse fapaneng
Hona ke lapeng la inthanete la sehlopha sa tshebetso sa baetapele ba baahi ba ditso tse fapaneng ba dumellaneng ho theha tshebedisano (marangrang a baahi ba ditso tse fapaneng) ka boithaopo ho ba dumella ho buisana ka tsela e nang le moelelo ka boikemisetso bo botle le tshebedisano ditabeng tsa kutlwano le tjheseho e kgethehileng le kamano ditabeng tse baa mang.
Kenela boithaopo
Baetapele bohle ba baahi ba ditso tse fapaneng ba mengwa ka motlotlo ho ba karolo ya tshebedisano ka boithaopo. Hape baetapele ba mengwa le ho kgothaletswa ho abelana mehopolo ya bona diphephetsong tse kgubung tse tobaneng le baahi ba ditso tse fapaneng le ditaba tse lokelang ho tsepamisetswa maikutlo tsa boikitlaetso ba ho netefatsa bokamoso ba kgotso le bonang le tswelopele bakeng sa meloko ya jwale le ya kamoso.
Ka kopo iteanye le sehlopha sa tshebetso ka ho romela imeili ho info@peoplesdialogue.org.za.
Diketsahalo tse tlileng pele
Puisano ya pele: 4 Phato 2025
Sehlopha sa baetapele se tswang baahing ba fapaneng le ditso tse fapaneng se ile sa ba le kopano ka marangrang a inthanete mohla la 4 Phato 2025 ho buisana ka kgonahalo ya tshebedisano ho hlophiseng tokomane ya phehiso e ka romelwang ho diepapitso tsa Puisano ya Naha (National Dialogue). Diqeto tse latelang di ile tsa nkuwa nakong ya kopano:
- Baetapele ba ile ba dumellana ho sebedisana ka tokomane ya phehiso bakeng sa Puisano ya Naha e tla bontsha maikutlo a naha ho hlaha tjhebelopeleng ya baahi ba ditso tse fapaneng.
- Tokomane ena ya phehiso e tla phatlalatswa setjhabeng pele ho 15 Phato 2025,
- Ho feta moo, baetapele ba ile ba dumellana ho phatlalatsa tshebedisano ka boithaopo (marangrang a tshebedisano a baahi ba ditso tse fapaneng) e nang le boikarabelo bakeng sa ho kgwaritsa tokomane ya phehiso.
- Sehlopha sa tshebetso se ile sa thehwa ho hlophisa mokgwaritso wa tokomane bakeng sa phehiso le tumello ke baetapele, e itshetlehileng ho diphehiso tseo ho fanweng ka tsona ke baetapele nakong eo le ka mora kopano.
- Tshebedisano ena ka boithaopo o ikemiseditse bokamoso le ho fetela ka nqane ho Puisano ya Naha.
Tswelopele
Kamora moo sehlopha sa tshebetso se ile sa amohela diphehiso ho hlaha ho baetapele mme se qapa moralo wa tokomane e ileng ya hlophisa diphehiso tlasa meokotaba e tshwanang e ileng ya hlwauwa. Mohla la 8 Phato 2025, mekgatlo ya bojalefa e ile ya phatlalatsa ho ikgula ha yona sehlopheng se etsang ditlhophiso tsa Puisano ya Naha le Sebokeng sa Pele sa Puisano ya Naha (First National Convention of the National Dialogue) se neng se hlophiseditswe bakeng sa 15 Phato 2025.
Tshebedisano ya bobedi: 11 Phato 2025
Kopano ya tshalomorao e ile ya tshwarwa ke baetapele mohla la 11 Phato 2025 ho buisana ka diphehiso tse neng di amohetswe, moralo wa mokgwaritso wa tokomane hammoho le tshebetso e tla latela, ho ipapisitswe le tse ntseng di tswela pele. Diqeto tse latelang di ile tsa nkwa nakong ya kopano:
- Baetapele ba ile ba dumellana ho tswela pele ka tshebedisano tokomaneng e neng e tla bontsha dikateng tsa diphephetso tse tobaneng le baahi ba ditso tse fapaneng naheng, tseo di lokelang ho ba ka sehloong, hape le Puisano ya Naha.
- Boithaopo ba tshebedisano bo tla etswa hore e be bo molaong ka ho ntlafatswa le tumello ya tokomane ya sethatho.
- Tshebetso ya kopano e etswang ka inthanete hammoho le kopano e etswa ho kopanwe ka seqo ho phethela tse boletsweng ka hodimo.
- Dintlha tse amanang le dikopano le tse lokelang ho etswa, ho kenyeleditswe diphatlalatso setjhabeng le seboka sa tleleho ya ditaba, e tla laola ke sehlopha sa tshebetso.
Molaetsa o matla
Tshebedisano ena ka boithaopo e romela molaetsa o matla oo baahi ba ditso tse fapaneng le baetapele ba bona – bao mantswe a bona hangata a sa utluweng – ba nka boikarabelo le boithaopo ba ho buisana molemong wa meloko ya jwale le ya kamoso.
Seboka sa tlaleho ya ditaba
Baahi ba ditso tsa mefutafuta ba thehile marangrang a etsang nalane ya tshebedisano mahareng a ditso
Baahi ba ditso tsa mefutafuta ba thehile marangrang a etsang nalane ya tshebedisano mahareng a ditso
Baetapele ho hlaha baahing ba fapaneng ba ditso tse fapaneng ba tla sebedisana Puisanong ya Naha le ho feta moo
Iteanye le rona
Kontakbesonderhede
Laat ‘n boodskap
"*" indicates required fields

