Baetapele ho hlaha baahing ba fapaneng ba ditso tse fapaneng ba tla sebedisana Puisanong ya Naha le ho feta moo

Baetapele ba baahi ba Afrika Borwa ba ditso tse fapaneng ba dumetse ho theha boithaopo ba tshebedisano e tla ba dumella ho sebedisana ka tsela e nang le moelelo ka maikemisetso a matle le tshebedisano ditabeng tse molemong wa bona le thahasello ho tse ba amang. Sepheo sa boithaopo bona sa pele ke ho hlophisa tokomane ya ditshwaelo tse bontshang dikahare tsa diphephetso tse tobileng baahi ba ditso tse fapaneng, hammoho le ditharollo tse sisintsweng tsa diphephetso tsena. Tokomane ena ya ditshwaelo hape e tla romelwa ho Puisanong ya Naha.

 Boithaopo bona ba tshebedisano bo rerile ho netefatsa bokamoso ba kgotso le bo nang le katleho bakeng sa bana ba naha ya baahi ba ditso tse fapaneng. Mosebetsi wa yona e tla ba ho tswela pele  ho feta Puisano ya Naha. Popo ya boithaopo  e latela dipuisano tsa nako e sa tswa feta tsa baetapele kgonahalong ya ho sebedisana Puisanong ya Naha. Sehlopha sa tshebetso se thehilwe ho hlophisa tokomane ya ditshwaelo bakeng sa ho tjhaelwa monwana ke baetapele  le ho laola tshebetso ya ho etsa boithaopo ba tshebedisano hore bo be molaong.

 “Boteng ba baahi ba ditso tse fapaneng ke nnete ya sebele; Afrika Borwa ha  se naha ya  batho  itseng feela le mmuso. Baetapele le mekgatlo e behileng moetlo, bojalefa, puo, le boitsebahatso ba setso le baahi ba ditso tse fapaneng sehlohlolong sa kutlwisiso ya  bona ya katamelo setjhabeng e lokela ho fuwa ho ananelwa le sebaka ho bapa le ba behileng motho kapa mmuso sehlohlolong sa moralo ditumelong le ditabatabelo tsa kutlwisiso tsa bona. Bakeng sa puisano hore e be le moelelo wa nnete, meralo ya ditumelo le ditabatabelo tsa baahi ba fapaneng di tlameha ho ananelwa le ho kenyeletswa. Ho hlokolotsi hore sebaka se hlokehang se etswe bakeng sa ho ananelwa ha baahi ba ditso tse fapaneng le baahi ba bang bao e leng motheo wa wa setjhaba sa rona le hore ba nke karolo e bonahalang ya ho iketsetsa qeto ya bokamoso ba bona mme ba be le lentswe ditabeng tse ba amang,” ho realo Barend Uys, Modulasetulommoho wa sehlopha sa tshebetso.

 “Baetapela ba baahi ba ditso tse fapaneng ba a mengwa mme ba kgothaletswa ho kenela boithaopo le ho abelana  maikutlo ho dikahare tsa diphephetso tse tobaneng le baahi ba ditso tse fapaneng le ditharollo tse ka bang teng ho rarolla diphephetso tsena. Tsena ke ditaba tse lokelang hore di tsepamisetswe maikutlo ka boikitlaetso ho netefatsa hore ho na le bokamoso ba kgotso le bo atlehileng bakeng sa baahi ba naha ena, mme di lokela hape ho tsepamisetswa maikutlo tshebetsong ya Puisano ya Naha. Boithaopo bona ba tshebedisano bo romela molaetsa o matla wa hore baahi ba ditso tse fapaneng le baetapele ba bona  – bao mantswe a bona a sa mamelweng – ba nka boikarabelo le boithaopo ba ho buisana molemong le phedisanong ka kgotso ha meloko ya jwale le meloko e tlang,” ha phethela Morena Langa Mavuso, Modulasetulommoho wa sehlopha sa tshebetso.

Lesedi mabapi le mosebetsi wa boithaopo ba tshebedisano, ho kenyeleditswe tshwaelo e  lebesitsweng Puisanong ya Naha e tla fumaneha ho www.peoplesdialogue.org.za.